Bophelo ke taemane

[Produced by T2]



[Verse 1]
Uh yoh ke masiasiane

Ke mahloka lebelo

Ke buoa ka bophelo

Joalo ka taemane ke bo batla lefifing

Takatso entse ele hore hanka ipona ke fihlile

Tleke hlole mathata a lefatshe a nkapere

Ke tlooe mo keteng le ha ke sa bone ka pele

Empa kena le ts'epo ea hore hosane letlo chaba

Kenyoretsoe katleho ha e fihla ke tlo thaba

Ah Morena mphe-mphe tumelo

Eketsa ts'iu tsaka u mpaleise timelo ke sebetse

Nkapese ka matla u nsike ka liatla ke khathetse

Ke ts'oere ka chakase hee ke hula boimeng

Ke hlahlathela kele mong thoteng lefelleng

Ntekele tafole ke keteke ponts'eng ka moqhaka oa tlholo

Ke khole litholoana tsa homatha lebelo le molemo ke mohloli





[Hook]

Eeeh Bophelo le taemane banna

Botholoa hole

Kekhale ke theosa ke bobatla hake bothole

Kea sokola

Hokhale ke sebetsa banna

Nkabe kele hole

Ho khale bo nsotla bo nkhana hake bothole

Kea sokola

Ke taemane



[Verse 2]

Banna ba basotho bakae? ba feletse makhooeng

Ba cheka taemane, Gauta, platinum

Ho baits'okoli strateng Molimo a le ame

Mamello e tsoala katleho Kokomala utla tshoasa

Ke lekaka-le-nyatheli bitla la monna oa mosepili

Monna haake a hloke khomo a ntse a tsamaea

Hoe ho ee , ho ee aba e fumane

Sebetsa ka thata ntate ipatle ubo iphumane

Halio tse fumanoang li tonositse mona

Ba bang ha ba tshoasitse utlo ba jella mona

Tsamo chesoa ke letsatsi ka mochaochele le buddie

Li u ts'oaretse bophelo halikake tsa u ntsha mali, joale

Qala fatshe u nyolohe ka methati

Pina ena e ke e bina kea masokolara

Ba lutseng fatshe ba eme, ba emeng ka maoto ba tie



[Hook]

More by T2

All T2 songs →